Facebook Twitter YouTube Dailymotion Scribd Calameo
Slideshare Issuu Pinterest Google plus Instagram Telegram
Chat About Islam Now
Choose your country & click on the link of your language.
Find nearby Islamic centers & GPS location on the map.



Author:


Go on with your language:
qrcode

LITOKELO TSA BASALI TUMELONG EA ISLAMO

LITOKELO TSA BASALI TUMELONG EA ISLAMO

  • TLHOMPHEHO

  • HO NKELOA HOLIMO

  • HO RATEHA

Basali ba tumelo ea Islamo ho lumeloa hore ba ea hatelloa, ba khelloa fats’e ebile ha ba lokoloha – na se ke ‘nete? Na limilieone tsa Masolomane li sebetsa ka khatello kapa taba e ke boiqapelo ba mehloli ea litaba (Media).

 “ ‘Me basali bana le litokelo ho banna ka ho ts’oana le banna ho basali”. Kor’ane 2:228

Anne Besant o ile a hlokomela hore basali ba tumelo ea Islamo haesale ba ena le litokelo ka lilemo tse kaholimo ho sekete le makholo a mane tseo basali ba linaha tsa Bophirima ba qalileng ho li tseba ka selemo sa 1930, o ile are: “Ke feela lilemo tse mashome a mabeli tse fetileng moo naha ea bokreste ea England e hlokometseng tokelo ea basali ea ho ba le thepa, empa Islamo e ile ea lumella tokelo tsena ka linako tsohle. Ke mafosisa hore ho boleloe ha Islamo e ruta hore basali ha ba na phefumoloho.” (The life and Teachings of Mohammed, 1932).

Banna le basali ba tsoa ho motho a le mong – Moprofeta Atama (khotso ebe le eena).  Islamo ha e amohele ntho efe kapa efe kantle le toka le ts’oaro e ntle.

MOPUTSO O LEKANANG LE BOIKARABELLO BO LEKANANG

Banna le basali ba rapela Allah ka tsela e ts’oanang ho bolelang hore ba rapelang Molimo O ts’oanang Allah, ba etsa thapelo ka tsela e ts’oanang, ba latela buka e le ‘ngoe ba latela bolumeli bo ts’oanang. Allah (lentsoe la Searabo le bolelang Molimo oa ‘nete A inoosi eleng ‘Mopi oa lintho tsohle), O ahlola batho bohle ka toka le tekano. Allah O tiisa litemaneng tse ngata tsa Kor’ane ka toka le ts’oaro le moputso ho banna le basali:

 “Nke ke ka lumella tahleho ea mesebetsi ea mang kapa mang oa lona, ea motona kapa ea mots’ehali; le etsetsanoe.” Kor’ane 3:195

“Allah O ts’episitse balumeli, banna le basali, lirapa tseo metsi a phallang tlasa tsona, ho phela teng ho fihlela, meaho e meholo kahara’ lirapa tsa monyaka o sa feleng.” Kor’ane 9:72

Litemana tse kaholimo li bonts’a ha moputso o ikarabella ho liketso tsa motho eseng botoneng kapa bots’ehaling. Botona le bots’ehali ha li na kobo ea bohali hore na motho o putsoa kapa o ahloloa joang.

Ha re bapisa Islamo le tumelo tse ling re ea bona hore e aba toka ho batho bohle (ba batona le ba bats’ehali).  Mohlala, Islamo e qhelella thoko taba ea hore Eva o ts’oaneloa ho ts’oaoa phoso ho feta Atama ka ho ja sefate seo ba laetsoeng hore ba se seje. Ho ea ka Islamo Atama le Eva ba entse sebe, ‘me ka bobeli ba baketse sebe seo ebile Molimo O ba ts’oaretse ka bobeli.

TOKELO E LEKANANG EA TSEBO

Bobeli banna le basali ba khothaletsoa ho batla thuto (tsebo) ka ho ts’oana. Moprofeta (Khotso ebe le eena) o ne a re: “Thuto e ea tlama ho Muslim (Lesolomane) emong le emong.”

Hape, barutehi ba baholo ba basali ba ne ba le teng nakong ea Moprofeta (khotso ebe le eena). Ba bang ba ne ba etsoa lelapeng la hae ha ba bang ba ne ba etsoa ho barutuoa ba hae kapa barali ba bona. Ea neng a hlahelletse kahara bona ene ele Aisha, mofumahali oa Moprofeta (khotso ebe le eena) eo kotare ea molao oa Islamo e tsoang ho eena. Ba bang ba basali bao eneng ele barutehi ba Islamo ba lithuto tsa molao ebile bana le barutoana ba tummeng haholo kahara tumelo ea Islamo.

TOKELO E LEKANANG EA HO KHETHA MOLEKANE

Islamo e hlomphile basali ka ho ba fa tokelo ea ho ikhethela balekane le ho boloka fane le seboko sa bona le kamora lenyalo. Hangata, boholo ba batho ba na le khopolo ea hore batsoali ba qobella barali ho kena manyalong. Seno ke litloaelo kapa meetlo e senang sebaka tumelong ea Islamo. ‘Me sena se hanetsoe tumelong ea Islamo.

Nakong ea Moprofeta Muhammad (khotso ebe le eena) mosali o ile a tla ho eena a re: “Ntate oaka o ‘nyalisitse motsoala ele ho phahamisa maemo a hae sechabeng, ‘me ke ile ka qobelloa ho kena lenyalong leo.” Eaba Moprofeta (khotso ebe le eena) o roma motho ea ilong bitsa ntat’a ngoanana ‘me boteng ba hae (ntat’a ngoanana) o fa ngoanana boikhethelo ba ho tsoela pele ka lenyalo kapa ho le qhala. Ngoanana a araba, “Oho, Morumuoa oa Allah ke amohetse seo ntate oaka a se entseng, ke ne ke mpa ke rata ho elellisoa basali ba bang (hore ba ka se qobelloe ho kena manyalong ao bas a a rateng).

LITOKELO LI EA LEKANA EMPA LI FAPANE

Joalokaha banna le basali ba ena le litokelo tse lekanang ele tsela tsa bophelo, litokelo tse khethehileng le maikarabelo ha a ts’oane. Banna le basali ba na le litokelo tse tsamaelanang le maikarabelo.

Ka thoko ho tsela eo batho ba bopehileng ka eona ea kahare le ea kantle bo ramahlale ba tseba hore ho na le lintho tse ngata tse fapaneng ka tsela eo boko ba banna le ba basali bo sebetsang ka eona malebana le methati e e latelang ea puo, ho boloka litaba le maikutlo ele ho hlalosa tse fokolang.

Setsibihali sa Socio-biology, Edward O. Wilson oa University ea Harvard one a re basali ho bonahala ba le betere mokhoeng oa puo, kutloelong bohloko le ts’ebelisanong har’a tse ling ha banna ba le betere boitjarong, boikemelo, bolokolohi le tsebo ea lipalo-palo, likhoka le lintlheng tsohle tsa bophelo.

Ene e tla ba booatla ho ts’oara litaba tsa banna le tsa basali ka ho ts’oana le ho iphapanyetsa phapano ea bona. Islamo e ruta hore banna le basali bana le mesebetsi e tsamaelanang ‘moho leha e fapane kaha o mong le o mong o ea ka tsela ea tlholeho ea libopeho tsa bona. Molimo O re:

“’Me e mo tona ha a joalo ka e mo ts’ehali.” Kor’ane 3:36

“Ebe Ea bopileng ha a tsebe? Ke Eena Ea Mosa ka ho fetisisa, Ea hlokolosi  ka ho fetisisa.” Kor’ane 67:14

KOPANO EA LELAPA

Molimo O bopile banna le basali hore ba fapane, ba be le le mesebetsi, litsebo le maikarabello a fapaneng. Phapano tsena ha li shejoe ele bopaki ba boholo kapa bonyane empa ele ho khetholoha. Ka Islamo lelapa ke ntlha ea bohlokoa. Monna o nka boikarabello ba lichelete ba lelapa ha mosali eena a ikarabella linthong tse ts’oarehang, tsa thuto le maikutlo a bana. Sena se bonts’a ts’ebelisano ‘moho eseng tlholisano. Ka ho phethahatsa maikarabello a bona. Lelapa le matla lea boptjoa ebile le aha sechaba se nepahetseng.

Ka masoabi , bophelo bo monate ba monna bo laoloa ke ho khotsofala hoa mosali, leha ba mosali bo laoloa ke ho khotsofala hoa monna. Allah O hlalosa sena ha monate ka hore:

“Ke kaparo ea lona le lona le kaparo ea bona.” Kor’ane 2:187

Kaparo e fumants’a botsitso, mofuthu le ts’ireletso le ho bonts’a hore motho a shebahale hantle – sena ke tsela eo likamano pakeng tsa monna le mosali li hlalosehang ho ea ka Islamo.

LERATO LE MOHAU LENYALONG

Moprofeta (khotso ebe le eena) a ba a khothaletsa banna ho ts’oara balekane ba bona ka tsela e nepahetseng: “Ba nepahetseng ba lona ke ba ts’oereng basali ba bona ka tsela e nepahetseng.”

Aisha (mosali oa Moprofeta) o kile a botsoa ka boits’oaro ba Moprofeta ka lelapeng la hae. O ile a re: “One a ts’oana le emong le emong oa lona lelapeng la hae, empa one a le bonolo a fana ka mosa.... one a lula a ikemiselitse ho thusa ka mosebetsi oa basali ba hae, one a roka liphahlo tsa hae le lieta tsa hae.” Ka kakaretso, o ne a thusa nthong e ‘ngoe le e ‘ngoe eo basali ba hae ba neng ba e etsa.

“Hara mats’oao a Hae, O le bopetse basali ho tsoa ho lona hore le tsebe ho phelisana A ba A kenya kahare ho lona lerato le mohau. Kannete tsena ke mats'oao ho batho ba iponts'ang" Kor'ane 30:21

MAEMO A PHAHAMENG A BO'M'E LE BARALI

'M'e o na le taolo e kholo kholong ea ngoana haholo ha a sa le monyane lilemong ka lebaka la mohau oa hae, tlhokomelo le lerato.  Ntle le khanyetso, katleho ea sechaba e ba teng ka lebaka la bomme. Ka hona ke tokelo ea Islam ho phahamisa maemo a bona le ho ba tlotla.

Allah O re: "'Me re entse hore motho a be bohlokoa le mohau ho batsoali ba hae kaha 'm'e oa hae o mo belehile ka boima a ba a mo holisa ka boima…" Kor'ane 46:15

Moprofeta (khotso ebe le eena) o kile a botsoa: " Oho Moprofeta oa Allah, ebe kahara ho batho ke mang ea lokeloang ke hore ke mo etse hantle ka ho fetisisa?" O ile a araba: "ke 'm'e oa hau." Eaba monna eo o botsa ka makhetlo a mabeli a latellanang: "E be mang?" a nna a fuoa karabo e ts'oanang eaba lekhetlong la bone Moprofeta (khotso ebe le eena) o araba tjena: "Ebe ntate oa hau."

Moputso ha u fuoe bomme ka ho sebetsoa le ho hlokomeloa hantle feela. Ke ka hona Islamo e fanang ka moputso o moholo ho batsoali ba holisa bana ba banana ho feta bana ba bashanyana.

Moprofeta (khotso ebe le eena) o itse: "Motho eo Allah A mo fileng barali ba babeli eaba o ba mosa ho bona, e tla ba bona lebaka la hae la ho kena Jannah (leholimong).

QETELLO

Pele ho Islamo basali ba ne ba nkoa ele mahlabisa-lihlong, bana ba banana ba kenyoa mabitleng ba phela, bohlola bo ne bo pharaletse, tlhalo ene ele bolaoling ba banna feela, mafa a ne a fumanoa ke ba matla feela, khatello le eona e ne e pharalletse. E itse hoba Islamo e fihle ea fihla ea felisa litloaelo tsena kaofela. Leha joale linaheng tse tsoetseng pele basali ba ntse bas a hlomphehe, le mekholo ea bona entse e sa lekane le ea banna leha bale maemong a ts'oanang a mosebetsi. Islamo e nka mosali ele motho oa bohlokoa oa maemo ea sa lokeloang ke ho roleloa hlompho le ho soabisoa.  Ts'oaro e mpe ea basali linaheng tsa Bochabela-bo hare e bakoa ke litloaelo kapa meetlo eo batho ba Muslim ba linaha tseo le malapa ao ba li latetseng ka phoso eseng ka lebaka la Islamo. Hobaneng ha basali ba bangata lefats'eng ba latela tumelo ea Islamo ka boikhethelo ba bona ha ene ele tumelo e hatellang litokelo tsa botho?

Re qetella ka mantsoe a Morena oa rona le Morena oa Lona, 'Mopi le Mofani oa tsohle ho banna le basali:

"Kannete banna ba inehelang le basali ba inehelang, le banna ba lumela le basali ba lumelang, banna ba mamelang le basali ba mamelang, banna ba nang le 'nete le basali ba nang le 'nete le banna ba nang le mamello le basali ba nang le mamello, banna ba ikokobetsang le basali ba ikokobetsang … Allah O ba lokiselitse ts'oarelo le moputso o moholo" Kor'ane 33:35

Bukana ena le e hlophiselitsoe ke mokhatlo oa Madinah Students in the Field (MASIF)

www.islamic-invitation.com

View Site in Mobile | Classic
Share by: