Facebook Twitter YouTube Dailymotion Scribd Calameo
Slideshare Issuu Pinterest Google plus Instagram Telegram
Chat About Islam Now
Choose your country & click on the link of your language.
Find nearby Islamic centers & GPS location on the map.



Author:


Go on with your language:
qrcode

Moprofeta Muhammad (Khotso ebe le eena) U lokela ho tseba motho enoa!

Moprofeta Muhammad (Khotso ebe le eena)

U lokela ho tseba motho enoa!

Ithute lintlha tsa bohlokoa

Muhammad(Khotso ebe le eena) ke mang?

“Ruri ho Morumuoa oa Allah le na le mohlala oa 'nete ho lateloa ke bohle ba lakatsang ho ba ho Allah le Letsatsi la ho qetela 'me ba hopola (ba rapela) Allah ka linako tsohle.”Kor’ane 33:21

Masolomane a lumela hore Muhammad (Khotso ebe le eena) ke Moporofeta oa ho qetela kahar'a lethathamo le le lelele la Baporofeta ba rometsoeng ho bitsetsa batho ho ikobela le ho khumamela Molimo feela (Allah ka leleme la Searabo). Karolo ea Baporofeta bao ke Adama, Nooe, Abrahama, Ishmaele, Isaka, Jakobo, Josefa, Moshe, Tafita, Solomone le Jesu (Khotso ebe le bona kaofela).

Joalokaha Moshe (Khotso ebe le eena) a ne a romelletsoe Torah (buka eneng e senotsoeng ke Molimo ho Moshe e nepahetse) le Jesu o ne a romelletsoe Evangeli (buka eneng e senotsoe ke Molimo ho Jesu e nepahetse eseng tsena tse etsang Bibele empa buka ea 'nete), masolomane a lumela hore Muhammad (Khotso ebe le eena) o romelletsoe le Kor'ane ho bonts'a hore na lithuto tsa eona li lokela ho phethoa joang.

Mofumahali oa Moporofeta (Khotso ebe le eena) ea bitsoang Aisha (Allah A mo hauhele) o kile a koptjoa ho hlalosa Moporofeta (Khotso ebe le eena), eaba o mo hlalosa ka hore, "Boits'oaro ba hae ene eka Kor'ane" . (Sahih Muslim, 40), ho bolelang hore o ile a etsa hore bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi bo hlalose Kor'ane. Re tla bonts'a hore na o ile a etsa bophelo ba hae bo hlalose lithuto tse halalelang ka liketso tse hlomphehang.

Morero oa Khauhelo

“Ha Rea u romela haese feela ka lebaka la ho hauhela batho.”Kor’ane 21:107

O mong morero ke ho bitsetsa batho borapeling eleng ho etsa thapelo, ho itima le ho thusa bahloki, Moporofeta (Khotso ebe le eena) o ile a ruta hore tumelo ea motho ho Molimo e lokela ho mo ts'oaetsa tsela eo a phelisanang le batho ba bang ka eona. O na re: "Ea betere ho lona ke eo boits'oaro ba hae bo leng betere ho feta ba bohle".

Lithuto tse ngata tsa Moporofeta (Khotso ebe le eena) li its'etlehile holim'a likamano lipakeng tsa bolumeli le liketso, mohlala: "Mang le mang ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela ha a lokela ho hlokofatsa moahisane oa hae,  'me mang le mang ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela o lokela ho amohela moeti oa hae ka matsoho a mabeli, 'me mang le mang ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela o lokela ho bua se nepahetseng kapa a thole".

Morumuoa oa ho qetela (Khotso ebe le eena) o rutile batho ho bonts'a mohau le ho hlomphano: "Ea sa hauheleng ba bang, a ke ke a bonts'oa mohau".

Botoloking bo bong, batho ba bang ba ile ba kopa Moporofeta (Khotso ebe le eena) ho rapela Molimo (Allah) hore A ahlole kuffar (batho ba sa lumeleng ho Allah) empa a ba araba ka hore: "Ha ke ea romelloa ho ahlola le ho hlokofatsa batho empa ke rometsoe ke le mohau".

Ts'oarelo

“Ba lese ba ts'oarele ba be ba iphapanye: Ha u lakatse ha Allah A u ts'oarela? Kaha Allah O ts'oarela ka ho fetisisa ebile O Mohau ka ho fetisisa.”(Kor’ane 24:22)

Moporofeta (Khotso ebe le eena) ene ele motho ea nang le ts'oarelo le khauhelo ka ho fetisisa. Haeba motho a mo entse hampe o ne a mo ts'oarela leha motho a ne a tlaloa ke khalefo le eena o ne a tlaloa ke mamello. One a le bonolo haholo a bile a ts'oarela, haholo moo a neng a entsoe hampe a bile a ena le monyetla oa boiphethetso.

Muhammad (Khotso ebe le eena) one a tletse ts'oarelo 'me ho ne ho se boemo bo fe kapa bo fe ba botlokotsebe le tlatlapo tseo a neng a li etsetsoa tseo li neng li le kholo hoo a neng a ke ke a li ts'oarela. Ene ele mohlala oa 'nete oa ts'oarelo le mosa joalokaha ho hlalositsoe temaneng ena e latelang ea Kor'ane:

"Its'oareletse ts'oarelong (Oho Muhammad), u be u itokisetse ho ba mosa 'me u furalle ba senang tsebo." (Kor'ane 7:199)

Teka-tekano

“Ruri ea hlomphehang haholo ka lehlakoreng la Allah ke ea ts'abang Allah ka ho fetisisa.”Kor’ane 49:13

Kahar'a lipolelo tse latelang tsa Moporofeta (Khotso ebe le eena) o re rutile hore batho ba ea lekana mahlong a Molimo:

Batho bohle ba tsoa ho Atama 'me Atama o tsoa letsopeng. Ha ho ea betere lipakeng tsa Learabo le eo eseng Learabo, kapa e mots'o le e mosoeu kantle le ea ts'abang Molimo ka ho fetisisa.

Molimo Ha A le ahlole ho latela chebahalo tsa lona kapa maruo a lona, empa O sheba pelo tsa lona le ho sheba liketso tsa lona.

Ho ngotsoe hore ka le leng la matsatsi emong oa barutuoa ba Moporofeta (Khotso ebe le eena) o kile a bitsa emong ka tsela e hobosang, "mor'a mosali e mots'o!" Moporofeta (Khotso ebe le eena) one a koate a ba a mo araba ka hore: "U mo nyelisa ka lebaka la bots'o ba 'm'e oa hae? U ntse u ena le bofokoli ba ho hloka tsebo kahare ho uena ba batho ba pele ho nako ea Islamo."

Mamellano

“Liketso tse ntle le liketso tse mpe ha li lekane. Leleka bokhopo ka se molemo ka ho fetisisa, 'me eo u neng u ena le bora ho eena e tla ba motsoalle ea ts'epahalang.”Kor’ane 41:34

"Ha u ea lokela ho etsa bobe  ho ba u etsetsang bobe empa u lokela ho sebetsa le bona ka ts'oarelo le qenehelo".Ke tsela eo Morumuoa oa ho qetela (Khotso ebe le eena) a e sebelisitseng malebana le litlhaselo le ho etsoa hampe.

Ho ea ka mehloli ea Islamo ho na le liketsahalo tse ngata tseo Moporofeta (Khotso ebe le eena) a neng a lokela hore ebe o ile a iphetetsa khahlanong le ba neng ba mo foselitse empa o ile a ikhethela ho se etse joalo.

O ile a ruta motho ho ba le mamello ka linako tsa tlokotsi: "Ea matla ha se ea hlolang batho ka matla a hae empa ea matla ke ea laolang ho koata hoa hae"

Ho ba le mamello le kutloisiso ha ho bolele hore Lesolomane le lokela ho ba motho feela ea oeleng moea a ke keng a its'ireletsa ha a hlaseloa. Moporofeta Muhammad (Khotso ebe le eena) o ile a re: "Le se ke la lakatsa ho shebana le lira empa nakong eo le shebanang le bona e bang le mamello(j.k ikemisetseng le tiee le se thothomele).

Ho ts'oara lintho ha bonolo

“Ka mosa oa Allah, o bonolo ho batho; haeba u ne u le thata ebile u le pelo e thata, baka be ba qhalakane ba u furalletse...”Qur’an 3:159

Morutoana ea sebellelitseng Muhammad (Khotso ebe le eena) ka lemo tse leshome o itse Muhammad (Khotso ebe le eena) o ne a le bonolo kamehla ha a sebetsana le eena. "Ha ke ne ke etsa ntho e itseng o ne a sa mpotse hore na ke e etsa joang kapa ka tsela e fe, leha ke ne ke sa etsa ntho eo ke neng ke lokela ho e etsa o ne a sa mpotse hore ke mo hlalosetse hore na ebe ke eng e entseng hore ke hlolehe. Ene ele motho ea mosa ea nang le setsoalle ho feta batho bohle".

Ketsahalong e 'ngoe, mofumahali oa Moporofeta (Allah A mo hauhele) o ile a araba ka bohale ha a hlapaoloa ke motho emong.

Ho ts'oara lintho ha bonolo…nts'etsopele

Moporofeta (Khotso ebe le eena) o ile a mo eletsa ka hore: "E ba bonolo 'me u khobe mats'oafo, Aisha(Allah A mo hauhele) joalokaha Allah A rata ha batho ba le bonolo linthong tsohle".

A ba a re: "Bonts'a pelo tlhomohi! Kaha pelo-nolo ha e bonahala nthong e khahla mahlo, 'me ha e tlosoa nthong e bonts'a bofokoli".

Boikokobetso

“'Me basebeletsi ba Ea Lereko (Molimo) ba tsamaea ka boikokobetso, 'me ha ba se nang tsebo ba bua le bona ba re: "Khotso" Kor’ane 25:63

Moporofeta (Khotso ebe le eena) o ne a tloaetse ho thibela batho ho ema ha a kena kamoo a leng ka teng ka se tloaelehileng hore ke ho hlonepha batlotlehi. O ne a tloaetse ho lula hohle moo sebaka se hlahang eseng sebakeng se khethehileng ha ho ena le kopano. O ne a sa tloaela ho apara liaparo tse fapaneng le tsa batho ba bang ele ho bonts'a hore ke eena ea khetholohileng. O ne a tloaetse ho ba kahar'a bafutsana le bahloki; O ne a tloaetse ho lula le maqheku le ho ts'ehetsa bahlolohali. Batho ba neng ba sa mo tsebe ba ne ba sa khone ho mo hlalohanya le batho ba bang.

Ha a bua le barutoana ba hae (Allah A ba hauhele), one a tloaetse hore: "Allah O nts'enoletse hore le lokela ho ikokobetsa. Ha ho ea lokelang ho ikakasetsa ba bang 'me ha ho ea lokelang ho hatella ba bang".

Ena ke tsela eo a neng a ikokobetsa ka eona a ts'aba hore batho ba tloha ba mo rapela, kaha thapelo e etsetsoa Molimo feela eseng batho bao ekang eena.

"Le se ke la fetella ha le nthorisa joalokaha Bakeresete ba etsa ka Jesu(Khotso ebe le eena) , mor'a Maria. Ke mpa ke le mohlanka oa Morena, 'me ke hore le mpitse Mohlanka oa Allah le Morumuoa oa Hae".

Monna oa sebele

“'Me phela le bona (balekane ba hau) ka mosa.”Kor’ane 4:19

Mofumahali oa Moporofeta (Allah A mo hauhele) ea neng a rateha ka ho fetisisa, Aisha (Allah A mo hauhele) one a re ka molekane oa hae ea tlotlehang: " O ne a tloaetse ho roka le  ho lokisa lieta tsa hae le ho roka liphahlo tsa hae le ho etsa mesebetsi ea lapeng joaloka motho emong le emong" .

Ene ese feela molekane ea lerato empa o ne a khothaletsa barutuoa ba hae (Allah A ba hauhele) ho latela mohlala oa hae: "Molumeli ea phethahetseng tumelong ke eo boits'oaro ba hae bo nepahetseng ka ho fetisisa. 'Me ba phethahetseng ka ho fetisisa ke ba ts'oarang basali ba bona ka bokhabane bo boholo"

Mohlala oa bophelo bo bottle

“Ruri u (Oho Muhammad) maemong a phahameng a boits'oaro.”Kor’ane 68:4

Se fetileng ke pono feela ea kamoo Muhammad a phetseng bophelo ba hae. Mehlala ea mosa le mohau tse boletsoeng li ka nna tsa makatsa batho ba bangata ba fuoeng sets'oants'o sa Islamo mecheng ea litaba le phatlalatso ea eona e fosahetseng.

Ho bohlokoa ha motho a leka ho utloisisa Islamo hore a ee mehloling ea eona ka kotloloho: Kor'ane, lipolelo le liketso tsa Moporofeta Muhammad (Khotso ebe le eena), le hore mang kapa mang ha a ahlole Islamo ho latela liketso tse mpe tsa Masolomane a 'maloa.

Maikutlo a bao eseng Masolomane

Mahatma K Gandhi, moeta-pele ea neng a le ka sehloohong oa lipolotiki le oa semoea oa mokhatlo oa boipuso oa India, o na re: " ho bile bonolo,  boikemisetso bo tebileng ba Moporofeta, tlhompho e kholo ea boitlamo le ts'episo tsa hae, ho ipha nako le sebaka bakeng sa metsoalle le balateli ba hae, ho ts'oarella hoa hae boitlamong ba hae, ho se ts'abe letho, ho ts'epa Molimo ka ho felletseng le ts'ebetsong ea hae. Tsena eseng ts'ebeliso ea Sabole ke tsona tse mo atlehisitseng ka pel'a bona 'me o ile a  feta lits'itiso tsohle ka katleho".

George Benard Shaw, sengoli sa Borithani o ne a re: "Lefats'e le hloka monna ea nang le kelello ea Muhammad; batho ba bolumeli ba lilemo tsa morao-rao ka lebaka la ho hloka tsebo le khethollo, ba ne ba mo bonts'itse ka tsela e lefifi haholo kamoo ba tloaetseng ho mo nka e le sera sa Bokreste. Kamor'a ho sheba pale ea monna enoa ke fumane ele ntho e makatsang ebile ele mohlolo 'me ke ile ka fihlela qeto ea hore ha ho mohla e neng e le sera sa Bokeresete empa o lokeloa ho bitsoa mopholosi oa batho. Ka maikutlo a ka, haeba a ne a ka fuoa matla a ho laola lefats'e kajeno, o ne a tla rarolla mathata a rona 'me a sireletse khotso le thabo tseo lefats'e le li labalabelang.

Sebakeng sa tlhakisetso letsetsa kapa kopana le Tsie Abdullah Sesinyi, Molula-Setulo oa The Islamic Foundation, Sekamaneng, Maseru.

Sebakeng sa tlhakisetso le lintlha tsohle ka libuka tsa tumelo ea Islamo.

www.islamic-invitation.com

View Site in Mobile | Classic
Share by: