E hlophisitsoe ke: Abo Karim El Marakshy
E fetoletsoe ke: Abdullah Tsie Sesinyi
‘Mali ea khabane: Ho amohela Islamo ho bobebe… U lokela ho lumela hore Molimo ke eena Molaoli le Motsamaisi oa lintho tsohle tse lefats’eng le leholimomong, hore u rata seo Molimo A se ratang, le ho hloea seo Molimo A se hloileng, ho ts’epa Eena A inoosi le ho kopa ho Eena A inoosi. Likopo, lithapelo le borapeli bohle ba hau le bophelo ba hau li taolong ea Hae. Tlohela seo u neng u se khumamela le ho se rapela pele ho Eena. Ho lumela hore Allah O holimo haholo hoo A ka bang le litlhoko tse kang ho ba le mora, ‘Ha A tsoale ebile ha A tsoaloa’ [Surah Al-lkhlas: 3].
Ho tloha moo u lokela ho lumela hore “Jesu” Kresete, Mor’a Maria ke mohlanka oa Allah le morumuoa oa Hae, ea tlileng ka lentsoe la Hae le rometsoeng ho Maria, le hore ke moea o tsoang ho Molimo. Allah O bopile Jesu ka tsela e mohlolo ho tsoa ho ‘m’e ntle le ntate, le hore ha a so thakhisoe empa Allah O ile a mo nyollela ho Eena. Ene ele Moporofeta le morumuoa joaloka baporofeta le barumuoa ba bang be eking Nooe, Abrahama, Moshe le Muhammad khotso le mohau tsa Allah li be ho bona kaofela.
‘Mali ea khabane , pele o amohela Islamo, u lokela ho bua mantsoe a boitlamo ho tsoa pelong, “Ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho rapeloa ntle le Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah” ‘me ka leleme la Searabo: (ASHHADU ANLA ILAHA ILA-ALLAH, WA ASHHADU ANNA MUHAMMADAR-RASULULLAH).
Ke rata ho u thoholetsa ka qeto ena e khothatsang le qeto e ntle eo u e nkileng, eo ebileng ele qeto e nepahetseng ka ho fetisisa bophelong ba hau, nakong ena eo u nkileng qeto ea ho inehela ho Allah ke nako ea bohlokoa ea tsoalo ea hau ea bobeli, ke nako eo u ipholositseng ho batho ba buang mashano ka Allah, ba sentseng tumelo ea bona le ho latela litakatso tsa bona ho rapeleng Molimo oa ‘nete. Hajoale u se u le molateli oa tumelo ea Muhammad le Jesu Keresete ( KEB). [3]
U lokela ho tseba hore ke tlhohonolofatso e kholo ho tsoa ho Allah haele mona A khethile ho u etsa molateli le molumeli oa tumelo ea Islamo, eba le teboho e kholo ho Allah sebakeng sa tlhohonolofatso eno. (In Shaa Allah) [4] u tla ikutloa khotso ka sefubeng sa hau eo u so e utloe ho hang bophelong bohle ba hau. Mathata ohle a u tlelang ntle le tlokotsi ea tumelo ese e tla ba a nakoana.
Lithapelo tsa rona tsa mapomelo Thoriso ebe ho Allah, Morena oa tsohle.
https://www.islamic-invitation.com/book_details.php?bID=2742
[1] Monyehelo ho bahloki le mafutsana.
[2] Khotso ea Molimo ebe le eena.
[3] Khotso le tlhohonolofatso ea Molimo li be le bona kaofela
[4] Ha Molimo A ratile
:::
|
:::
|
:::
|
::: | :::
|
---|